Mefuta ya meqoqo ke karolo ya bohlokwa thutong ya Puo ya Lapeng le Puo ya Tlatsetso, e rutang baithuti ho ngola ka maikemisetso a fapaneng. Meqoqo ena e kenyelletsa moqoqo wa phetelo, moqoqo o hlalosang, moqoqo wa kgang, moqoqo o sa tshehetseng lehlakore, moqoqo wa boinahanelo, le moqoqo o pepesang ditaba.
Moqoqo wa Sesotho: True or False Quiz
Moqoqo wa Sesotho – Essay Guide Notes
Mefuta ya Meqoqo
Mefuta ena ya meqoqo e tlama mokgahlelong wa Puo ya Lapeng le Puo ya Tlatsetso ya Pele:
- Moqoqo wa phetelo
- Moqoqo o hlalosang
- Moqoqo wa kgang/ngangisano
- Moqoqo o sa tshehetseng lehlakore
- Moqoqo o tebisang maikutlo/wa boinahanelo
Baithuti ba etsang Puo ya Tlatsetso ya Bobedi bona ba etsa mefuta e mmedi feela ya meqoqo:
- Moqoqo o hlalosang
- Moqoqo wa phetelo
Moqoqo wa Phetelo
Moqoqo wa phetelo o pheta pale kapa mongodi o qoqa ka diketsahalo tse etsahetseng, tseo a di boneng kapa a ileng a di phetelwa. O ka ngolwa ho tswa lehlakoreng lefe kapa lefe.
Mehlala ya Dihlooho
- Re ne re robile monakedi.
- Mohlang ntlo ya heso e tjha.
- Pale e monate haholo eo ntatemoholo a kileng a mphetela yona.
Hopola Tse Latelang Ha o Ngola Moqoqo wa Phetelo
- Pale e lokela ho ba ketane ya diketsahalo tse kgolwehang, leha di theilwe hodima kgopolotaba.
- Hangata e ngolwa makgatheng a fetileng.
- Selelekela se lokela ho hohela thahasello ya mmadi.
- Pale e fupere ntlha e itseng.
- Qetello e sa tlwaelehang le e kgahlisang e phethela ha monate.
- Thahasello ya mmadi e lokela ho tiiswa ho fihlela qetelong ka setaele, disebediswa tsa bonono, le bokgabo.
- Ditho tsa kutlo di lokela ho ameha, tse kang pono, kutlo, modumo, tatso, le kamo.
Moqoqo o Hlalosang
Moqoqo o hlalosang o dumella mmadi ho itemohela sehlooho se hlaloswang ka tsela e hlakileng. Ho ka hlaloswa motho, ntho e itseng, kapa ketsahalo.
Mehlala ya Dihlooho
- Phaposing ya ngaka ya meno: Hlalosa maikutlo le mehopolo ya hao.
- Mosuwe eo e leng qhoku bophelong ba ka.
- “Bosiung boo, tsa be di ruthutha difefo”: Hlalosa bosiu ba difefo.
Ela Hloko Tse Latelang Ha o Ngola Moqoqo o Hlalosang
- Moithuti a bope setshwantsho ka mantswe.
- Sebedisa mehopolo le kutlwisiso e tsitsitseng ya sehlooho.
- Karaburetso ya pono, modumo, tatso, le kamo e lokela ho totobatsa tlhaloso.
- Sebedisa mekgabisopuo ka nepo.
- Kgetha sehlooho seo o nang le tsebo ka sona.
Moqoqo wa Boinahanelo / wa Tebisang Maikutlo
Moqoqo ona o nahanisisa ka ntlha e itseng, mme moithuti o fana ka maikutlo le mehopolo ya hae.
Mehlala ya Dihlooho
- Ke mokgwa oo ke hopolang titjhere ya ka ya mankgonthe ka ona.
- Mokgwa oo bophelo bo lokelang ho phelwa ka ona.
Hopola Tse Latelang Ha o Ngola Moqoqo wa Boinahanelo
- Moqoqo o nka lehlakore le itseng.
- Maikutlo a bapala karolo ya bohlokwa.
- Tlhaloso e lokela ho pepesa nnete le maikutlo a mongodi.
- Mehopolo e hlalositsoe ka sepheo sa ho bopa maikutlo.
Moqoqo wa Kgang / Ngangisano
Moqoqo ona o fana ka ntlhakemo e itseng, mme mongodi o tshehetsa le ho sireletsa maikutlo a hae. O ikemiseditse ho susumetsa mmadi hore a dumellane le ntlhakemo ya hae.
Mehlala ya Dihlooho
- Televishini e sitisa boiqapelo. Na o a dumela?
- Bokamoso ba Afrika Borwa bo itshetlehile ho tseteleng ha dinaha tsa ka ntle.
- Tshehetso ya letlole e fuwang bana ke mmuso e tlameha ho fediswa.
Hopola Tse Latelang Ha o Ngola Moqoqo wa Kgang
- Qala ka ho totobatsa ntlhakemo ya hao.
- Nehelana ka dintlha tse hlakileng tse tsheheditsweng.
- Moqoqo o lokela ho tshehetswa ke disebediswa tsa bonono le mawa a tshusumetso.
- Qetello e lokela ho hlaka mme e tiise maikutlo a mongodi.
Moqoqo o sa Tshehetseng Lehlakore
Moqoqo ona o hlalosa dintlha mahlakoreng a mabedi ntle le ho tshehetsa lehlakore.
Mehlala ya Dihlooho
- Ho ntsha mpa ke tokelo ya motho ka mong.
- Baithuti ba lokela ho ikgethela dingolwa tsa bona.
- Diphuputso tsa tshohanyetso tse etswang dikolong ke tharollo ya mathata.
Hopola Tse Latelang Ha o Ngola Moqoqo o sa Tshehetseng Lehlakore
- Mongodi a bontshe tekatekano mahlakoreng ka bobedi.
- Moqoqo o hlahisa mehopolo e hlakileng le e se nang leeme.
- Dintlha di lokela ho lekalekana, mme qetello e bontshe sesupo sa maikutlo.
Moqoqo o Pepesang Ditaba / Dintlha
Moqoqo o pepesang ditaba o fana ka dintlha tse hlakileng le tse tsheheditsweng ka bopaki.
Mehlala ya Dihlooho
- Batho ba bangata ba lahlehelwa ke maphelo dikotsing tsa mebileng nakong ya phomolo.
- Pokelletso ya matlotlo bakeng sa moketjana wa tumediso wa sehlopha sa materiki.
Ela Hloko Tse Latelang Ha o Ngola Moqoqo o Pepesang Ditaba
- Ho hlokahala dipatlisiso tse matla.
- Dintlha di lokela ho tshehetswa ke bopaki le dipalopalo.
- Dintlha di lokela ho hlahiswa ka tatelano e utlwahalang.