Skip to content Skip to footer

Moqoqo wa Sesotho

Mefuta ya meqoqo

Moqoqo wa Sesotho: Tsena ke ditema tsa boiqapelo tse lokelang ho hlahiswa ke baithuti. Ha moithuti a ngola moqoqo, a ka fuwa setshwantsho sefe kapa sefe seo a lokelang ho se toloka, ho se hlalosa kapa ho fumana moelelo wa sona, ebe o ngola moqoqo ka sona. Moqoqo oo a o ngolang e ka ba wa mofuta ofe kapa ofe oo yena a ikgethelang wona.

Bolelele ba Moqoqo

Bolelele ba meqoqo bo lokela ho latela mekgahlelo e latelang:

  • Sesotho Puo ya Lapeng: Mantsoe a 400–450.
  • Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele: Mantsoe a 250–300.
  • Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Bobedi: Mantsoe a 200–250.

Mefuta ya Meqoqo

Mefuta ya meqoqo e a tlama, haholo mokgahlelong wa Puo ya Lapeng le Puo ya Tlatsetso ya Pele:

  • Moqoqo wa phetelo
  • Moqoqo o hlalosang
  • Moqoqo wa kgang/ngangisano
  • Moqoqo o sa tshehetseng lehlakore
  • Moqoqo wa boinahanelo/wa tebisang maikutlo

Baithuti ba etsang Puo ya Tlatsetso ya Bobedi ba etsa mefuta e mmedi feela:

  • Moqoqo o hlalosang
  • Moqoqo wa phetelo

Moqoqo wa Phetelo

Moqoqo wa phetelo o pheta pale kapa diketsahalo tse etsahetseng, tseo mongodi a di boneng kapa a ileng a di phetelwa.

Mehlala ya dihlooho:

  • Re ne re robile monakedi.
  • Mohlang ntlo ya heso e tjha.
  • Pale e monate eo ntatemoholo a mphetetseng yona.

Ela Hloko:

  • Pale e lokela ho ba ketane ya diketsahalo tse kgolwehang leha di ka ba boiqapelo.
  • Hangata e ngolwa ka makgatheng a fetileng.
  • Selelekela se lokela ho hohela mmadi.
  • Qetello e sa tlwaelehang le e kgahlisang e etsa hore pale e phethehe.
  • Pale e atlehileng e lokela ho ama ditho tsa kutlo tse jwalo ka pono, kutlo, modumo, le tatso.

Moqoqo o Hlalosang

Moqoqo o hlalosang o hlalosa ntho e itseng ka tsela e hlakileng hore mmadi a itemohele sehlooho seo ka botlalo.

Mehlala ya dihlooho:

  • Phaposing ya ngaka ya meno – Hlalosa maikutlo a hao.
  • Mosuwe/Mosuwetsana eo e leng qhoku bophelong ba ka.
  • “Bosiung boo, tsa be di ruthutha difefo” – Hlalosa bosiu ba difefo.

Ela Hloko:

  • Moithuti a bope setshwantsho ka tshebediso ya mantswe.
  • Sebedisa mekgabisopuo ho hlakisa tlhaloso.
  • Kgetha sehlooho seo o nang le tsebo ka sona, kaha ho thata ho hlalosa seo o se sa tsebeng.

Moqoqo wa Boinahanelo/O Tebisang Maikutlo

Moqoqo ona o sekaseka maikutlo le menahano ya moithuti, ka ho nahanisisa ka ntlha e itseng.

Mehlala ya dihlooho:

  • Ke hopola titjhere ya ka ya mankgonthe ka mokgwa o itseng.
  • Mokgwa oo bophelo bo lokelang ho phelwa ka ona.

Ela Hloko:

  • Moqoqo o tlameha ho nka lehlakore le hlakileng.
  • Maikutlo a bapala karolo e kgolo mme a lokela ho hlakiswa ka nepo.
  • Mehopolo e lokela ho bontsha seabo sa mongodi mme e pepese nnete.

Moqoqo wa Kgang/Ngangisano

Moqoqo wa kgang o hlahisa le ho sireletsa lehlakore le itseng ka dintlha tse tiileng tse tsheheditsweng ka bopaki.

Mehlala ya dihlooho:

  • Televishini e sitisa boiqapelo. Na o a dumela?
  • Bokamoso ba Afrika Borwa bo itshetlehile ho tseteleng ha dinaha tsa ka ntle.

Ela Hloko:

  • Qala ka ntlhakemo e hlakileng le e kgodisang.
  • Tshehetsa maikutlo a hao ka bopaki.
  • Qetello e lokela ho tiisa maikutlo a mongodi ka puo e kgodisang.

Moqoqo o sa Tshehetseng Lehlakore

Moqoqo ona ha o nke lehlakore mme o hlahisa dintlha tse itseng mahlakoreng ka bobedi ka tekano e phethahetseng.

Mehlala ya dihlooho:

  • Ho ntsha mpa ke tokelo ya motho ka mong.
  • Baithuti ba lokela ho ikgethela dingolwa tsa bona.

Ela Hloko:

  • Hlalosa dintlha tse mabapi le mahlakore ka bobedi a taba.
  • Lekalekana hantle pakeng tsa dintlha tse tshehetsang le tse hanyetsang.
  • Fihlela qeto e itseng, empa tekano e nne e bonahale.

Moqoqo o Pepesang Ditaba/Dintlha

Moqoqo ona o hlahisa ditaba ka tsela e hlakileng, o ngolwa ka mora dipatlisiso tse matla mme o tshehetswa ka bopaki.

Mehlala ya dihlooho:

  • Batho ba bangata ba lahlehelwa ke maphelo dikotsing tsa mebileng nakong ya phomolo.
  • Pokelletso ya matlotlo bakeng sa moketjana wa materiki.

Ela Hloko:

  • Ngola ka tatelano e hlakileng ka dipatlisiso tse tshehetswang ke bopaki.
  • Hlalosa ka botlalo hore mmadi a utlwisise taba ka botlalo.

Leave a comment