Maele ke pokeletso ya mantsoe a etsang polelo a fanang ka molaetsa o eletsang empa moelelo wa ona o sa bolele se ngotsoeng kapa se buuwang. Ke puo kapa polelo e ikgethang ho tse tloaelehileng ebile e fana ka tayo kapa keletso e phethehileng kapa e phethahetseng.
Maele a Sesotho le Ditlhaloso
ADIMA
- Ho adima ditsebe: ho kopa ho mameloa.
AHA
- Ho aha ka tshiba tsa emong: ho sebedisa bohlale, leano, leqheka kapa kakanyo ya motho emong ho phethahatsa morero wa hao.
- Ho aha serobe phiri e se e jele: ho etsa ketso e itseng nako e se e tsamaile ebile ho se ho senyehile. Ho elelloa boemo bo itseng ba bohlokwa ho se ho se na thuso. Ho elelloa kga.
AHLAMELA, AHLAMA
- Nonyana
BA
- Ho ba le pelo: ho ba le bokgoni ba ho mamella se sa mamelloeng.
- Ho ba sebete: ho ba ntle le letsoalo kapa tshabo ya ho etsa se itseng; ho hloka letsoalo ka botlalo.
- Ho ba le serethe: ho ba le nyatsi; ho ba le moqekoa.
- Ho ba tsebetutu: ho se utloe ditsebeng.
BABEDI
- Metsotso e jele babedi/ha metsotso e ntse e ja babedi: nako e ile; nako e tsamaile haholo; nako e se e re sihile haholo.
BAJI
- Le pele di na le baji: moo o yang.
CHA
- Ha o cha o cheche: ebang ha o wa kgotsofala o tlameha ho tloha sebakeng; ebang o wa belaela o tlameha ho sutha, o suthele ba dumellanang le se buuwang.
CHECHA
- Ho checha hoa ramo ha se ho baleha: ho ya morao hoa motho ha se ho baleha empa ke ho nka matla; ho kgoechella morao ke ho nka matla kapa ho itlokisa bakeng sa ho hlasela.
CHESA
- Bo tsholoa bo chesa, bo tsohe bo fodile: maikutlo a khalefo a kokobela ha nako e ntse e tsamaya.
- Ho ba phateng tse chesang: ho kula haholo ka tsela eo mokudi a hlolehang ho tsoha moalong, moo a robetseng teng.
DIELA
- Mahlo ke diala ha a je sa motho: mahlo a sheba feela ntle le hore ntho e ntle kapa e mpe; mahlo a sheba le seo ho sa dumeleheng hore a se shebe.
- Ho diela dikgala: ho qetella taba; ho akaretsa se boleloang; ho hlalosa ka ho phethela puo.
DIHA
- Ho diha ditsebe: ho bontsha bothoto bo boholo.
DIMENYANE
- Ho ipha dimenyane: ho baleha ka ho nyamela.
DITABA
- Ho kena ditaba ka sehlotho: ho ba ditabeng tse sa o ameng ebile o sa mengoa.
DITHEOHELANG
- Tse sa jeseng ditheohelang: ditaba kapa diketsahalo tse mpe ebile di sa utloise monate.
EDISA
- Ho edisa sefahleho: ho bontsha lethabo ka ho kganya hoa tshobotsi; ho bontsha nyakallo ka ho phuthulla sefahleho.
EMA
- Ho ema le monna wa mateneng: ho ba mathateng a maholo; ho tsieleha; ho se kgone ho rarolla mathata; ho thatafallwa.
- Ho ema ka ditshetshekoane: ho ba le mmele o motle, o otlolohileng, o molelele hantle.
FAHA, FAHOA
- Pitsa ho fahoa e belang: motho ya diehang ho nyala kgarebe o tla rakoa mme mohlankana emong a mo nyale pele.
- Ho fahla mmuso ka lehlabathe: ho kgentsha; ho koatisa; ho utloisa bohloko bo boholo; ho sithabetsa pelo.
FALLA
- Ho kopana le pela di falla: ho tobana le se sa lebelloang haholo se sebe; ho ba maemong a ho hlaseloa ntle le tebello kapa boikemisetso.
HADIKELA, HADIKA
- Ha a di hadikela ho di ja: o etsa ntho tse sa tloaelehang kapa tsa motho ya sa phelang hantle.
HAE
- Monyala-ka-pedi o nyala wa hae: motho le ha e le mofutsana joang, o ntsha bonyane boo a nang le bona ho nyala eo a mo ratang.
HAELA
- Nonyana e haela ka ditshiba tsa enngwe: motho o hloka thuso ya babang ho atleha kapa ho phethahatsa seo a batlang ho se etsa.
HAELOA
- Lentsoe la morena le haeloa lesaka: seo morena kapa motho e moholo a se buang se tlameha ho ananeloa le ho hlonchoa.
IKAHLOLA, AHLOLA
- Letsoalo le molato lea ikahlola: motho ya molato o wa iponahatsa ka diketso.
IKEBOLLA, KEBOLELA
- Ho ja monakaladi wa kebolela: ho ja ha monate le ho phela ha monate ka boiketlo.
IKENYA
- Ho ikenya tshotso dinaleng: ho ikenya hara mathata; ho ipakela bothata kapa mahlomola.
IKEPELA, EPELA
- Kea shoa kea ikepela: ke o rata haholo feela.
INAME, INAMA
- Selepe sa bohoeng se ratha se iname: mokgoenyana o thusa ka tsohle tseo a nang le tsona moo a nyetseng teng ho sa tsotellehe boima ba seo a tlamehang ho se etsa.
INEHA, NEHA
- Ho ineha naha: ho baleha; ho ja fatshe; ho itahla.
INELA
- Ho inela matsoho metsing: ho leballa diphoso kapa mefokolo; ho tshoarela.
INOESA, NOESA
- Ho inoesa ka nkgo: ho ipatlela bonnete ba taba e boleloang kapa e etsahetseng ntle le ho joetsoa.
JA, MOJA, MOJI
- Moja morao o tshoana le moja pele: motho ya jeleng morao o tla kgora joalo ka ya jeleng pejana.
- Ho ja tloae: ho ba lekgoba la ketso tse itseng.
- Ho ja sa mpana phahloha: ho ja hofeta tekanyo; ho ja haholo.
- Ho ja monakaladi wa kebolela: ho dula le ho phomola ha monate ntle le mosebetsi o boima.
KABELOA, ABELOA
- Ngoana moshanyana ke kabeloa manong: motho e motona o lokeloa ke ho fuwa mathata ohle le ha ho sa kgonahale.
KADIMA
- Ho kadima tsebe: ho mamela.
KAKATLETSANG, KAKATLETSA
- Kgoho e kakatletsang lehe ke la yona: motho o bontsha seo a se entseng ka dipuo.
KATLEHO
- Mamello e tsoala katleho: ho tiisetsa mathateng ho a putsa; katleho e fumanoa ke ba nang le tiisetso bophelong.
KEBOLELA, EBOLELA
- Ho ja monakaladi wa kebolela: ho dula le ho phomola ha monate ntle le mosebetsi o boima.
LALA, LETSE
- Ho lala taba ka mmele: ho etsa eka ha ho letho; ho iphapanya.
- Ha e lale makoala re none: ha ho be le kgotso bakeng sa rona bohle ba ratang toka le kgutso.
LAOLA, LAOTSE, LAOTSOE
- Malala a laotsoe: ho ba boemong ba ho itukisetsa ketso kapa ketsahalo efe kapa efe.
LATOLA
- Ho latola bosehla: ho hana ka botlalo; ho hana nyenyenye.
LEBISA, LEBA
- Mmetlakgola o lebisa ho wa habo: motho ya kgonneng ho atleha kapa ho fihlela maemo a matle o joetsa ba habo hore le bona ba tsebe ho a fihlella.
MAFISA
- Ho isa pelo mafisa: ho lahleha hoa mohopolo; ho ba nqe nngwe ka monahano; ho nahana ka thata ka tsela e utloisang pelo bohloko haholo.
MAFOLOMABE
- Ho ipona mafolomabe: ho itshoaya diphoso; ho ipona molato.
MAHANAJOETSOA
- Ngoana mahanajoetsoa o mmona ka dikgapha: motho ya manganga ya sa batleng ho eletsoa o bonahala ka sello.
MALOTSANA
- Ho di hlaba malotsana: ho elellisoa; ho hlokomedisa; ho eletsa; ho fa maele kapa maelana; ho bontsha kapa ho hlalosetsa ka botlalo.
MAMELLO
- Mamello e tsoala katleho: ho tiisetsa mathateng ho a putsa; katleho e fumanoa ke ba nang le tiisetso bophelong.
MANE, NNE
- E kgopjoa e le maoto mane: mang le mang a ka etsa phoso ho sa natsoe boemo ba hae ba borui, bofutsana, boholo, bonyane kapa bohlale ba hae.
MANOLO
- Mathata a hloele manolo hodimo: ho boima hofeta kamoo ho neng ho lebeletsoe kateng; ha ho bonolo ho ya ka tsela eo e neng e nahannoe.
MAOBANE
- Ho se je sengoathana sa maobane: ho hana sejo se setseng letsatsi le fetileng.
NAHA
- Naha e jele boya: kotsi di hohle naheng; botlokotsebe bo tletse kapa bo atile sebaka le naha yohle.
- Ho ipha naha: ho baleha sebakeng; ho tloha ka ho nyamela.
- Ho tlalloa ke naha: ho ba mathateng a maholo a bakang hore motho a se tsebe seo a ka se etsang.
NALA
- Kgotso, pula, nala: lepetjoa la Basotho le bontshang boteng ba tsohle tse hlokahalang tsa bohlokoa bophelong.
NALE, DINALE
- Ho ikenya tshotso dinaleng: ho ikenya hara mathata; ho ipakela bothata kapa mahlomola.
- Ho tsoa ka lesoba la nale: ho phunyeletsa kapa ho phomella hara mathata; ho ba lehlohonolo moo holeng boima.
NAMANE
- Ke Namane e tona: motho e motona wa moshanyana, monna kapa mohlankana.
NAMA, NAMENG
- Ho ntsha mahlo nameng: ho ba malala a laotsoe; ho ba boemong ba ho itebela kgahlanong le kotsi e ka hlahang.
NCHOCHO
- Ho sheba ka leihlo le nchocho: ho ba hlokolosi ka se etsahalang ka sepheo sa ho thibela phoso kapa bobe bo ka etsahalang.
NGALA, NGALLA
- Ho ngalla motsheo: ho kgena ntle le ho tsoa kapa ho baleha ka tlung kapa sebakeng seo o dulang ho sona.
NGOANA, NGWANA
- Ngoana ya sa lleng o shoele tharing: motho ya thotseng le ha a na le bothata a ka bolawa ke tloaelo e joalo.
OKOLA
- Moro kgotla ha o okoloe: ditaba di bewa pepeneneng ntle le ho patoa.
OMA, OMILE
- Phiso di omile methaladi: dijo di fedile ka botlalo.
OPA, OPILE
- Ho opa kgomo lenaka: ho ba boemong ba ho nepa taba; ho bua se nepahetseng.
OROHA
- Ho boka ha di oroha: ho lebella sephetho sa se etsahalang kapa se buuwang hona joale.
OTLA, OTLOA
- Ho otloa ka mora tsebe: ho jalletsoa; ho qhekanyetsoa.
OTLOLLA, OTLOLLOA
- Thupa e otlolloa e sa le metsi: ngoana o rutoa melao a sa le monyane pele a ba manganga dilemong.
PANYA
- Ka ho panya hoa leihlo: hanghang ka potlako; ka kapelenyana haholo.
PEDI
- Lemao le ntlha pedi: motho ya qabanyang babang kapa metsoalle ka ho bua dipuo tse fapaneng bathong bao.
- Monyala-ka-pedi o nyala wa hae: motho le ha e le mofutsana o ntsha bonyane boo a nang le bona ho nyala eo a mo ratang.
PELA
- Pela e ne hloke mohatla ka lebaka la ho romeletsa: motho ya romeletsang babang o tla hloka tse ntle tsa bohlokoa bophelong.
- Ho kopana le pela di falla: ho tobana le se sa lebelloang haholo se sebe.
PELO
- Ho beha pelo sekotlolong: ho se potlakele tebello e itseng; ho ba le mamello ya se tshepisitsoeng le ha se nka nako ho phethahala.
- Ho ba le pelo e telele: ho ba meharo; ho ja haholo le ha ho sa hlokahale.
QAHAMISA
- Ho qahamisa ditsebe: ho itokisetsa ho baleha.
QAMAKA
- Mosha ha o fula oa qamaka: motho o tlameha ho ela hloko ha a etsa eng kapa eng.
QATI
- Ho hlatsoa motho qati: ho thabisa haholo; ho nyakallisa.
QELA
- Ho qela ho leoto: ho tsamaya kapa ho tloha sebakeng.
QOQOTHO
- Ho dula qoqothong: ho kgama ntle le ho tlohela molala.
RAHA
- Letlaka le a raha: ho ba ngata hoa ntho e itseng kapa ketsahalo e itseng, mohlala dijo kapa diphetho tse ngata.
RAKA
- Raka le shoetsoe ke molebo: ho lahleheloa ke moratuwa wa bohlokoa.
RAMO
- Ho checha hoa ramo ha se ho baleha: ho ya morao hoa motho ha se ho baleha empa ke ho nka matla kapa ho itokisetsa.
RATHA
- Selepe sa bohoeng se ratha se iname: mokgoenyana o thusa ka tsohle tseo a nang le tsona moo a nyetseng teng, ho sa tsotellehe boima ba seo a tlamehang ho se etsa.
SEALOLO
- Ho tima sealolo: ho hlola ka matla ohle kapa ka mekhoa yohle.
SEBETE
- Ho dula sebeteng: ho tena ka tsela e bohloko.
- Ho ferola dibete: ho fedisa takatso ya dijo kapa ho fokotsa takatso ya dijo.
- Ho setla dibete: ho utloisa pelo bohloko kapa ho halefisa haholo.
- Ho ba sebete: ho ba ntle le letsoalo kapa tshabo ya ho etsa se itseng.
SECHABA, SETJHABA
- Morena ke morena ka sechaba: moetapele o ba teng ka lebaka la batho feela.
SEDIBA
- Mofata sediba ha a se noe: motho ya qadileng ntho ha a kgone ho e rua molemo kapa ho e sebedisa.
- Monyela sediba: motho ya hlokang teboho bakeng sa se mo thusitseng.
SEFAHLAMAHLO
- Ho joetsa sefahlamahlo: ho bolella motho taba ka ho mo toba ntle le tshabo.
SEFAHLEHO
- Ho hula sefahleho: ho halefa haholo ka ho sotha tshobotsi.
- Ho edisa sefahleho: ho bontsha lethabo ka ho kganya hoa tshobotsi kapa ho phuthulla sefahleho.
- Ho phuthulla sefahleho: ho bontsha motlotlo kapa ho bososela ka nyakallo.
Source: Maele le Maelana a Basotho Ngohaha Kete wa 2000 (A-Z) (Basotho Proverbs and Idioms in the New Millennium: A to Z)
Ka Madiela Chitja